Ntate Wa Rona Mahodimong
1. Ntat'a rona mahodimong, Re o beela thapelo. Re se re kena phomolong, Ak'o re fe thobalo. Morena, o re lebele, Bosiu bo be bo se.
2. Se re balele melato Ya letsatsi le fetileng; O re tshwarele ka Jesu, 'Moloki ea re shwetseng. Re ntse re utloa bohloko. Ke tseo re di entseng.
3. O re robatse Modimo, Ka ditshireletsong tsa hao; Ditsietsing le tlokotsing, Re boloke ka mohau, Re be re tsohele kganyeng, Bophelong bo sa feleng.
About this hymn
Sefela 223, “Ntate Wa Rona Mahodimong”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 3 stanzas and opens with the line “1. Ntat'a rona mahodimong,”. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.
Related hymns
More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.
- 220Letsatsi Le Phirimile
- 221kea Leboha Modimo
- 222Lala Ho Nna
- 224Naha Tsohle Bokang Morena
- 225Alleluya Ho Jehova
- 226Ho Ntate Mora le Moya
Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play