Naha Tsohle Bokang Morena
1. Naha tsohle, bokang Morena Jehova, Ke eena Modimo; binang alleluya! O bopile batho, o hlodile lefatshe, Maru, dinaledi, le kgwedi, le letsatsi.
2. Bokang, bokang Jesu, ke eena Morena; O re lopolotse; binang alleluia! Bao a ba shwetseng bam o nke, ba pholohe; A tume dichabeng, bohle bam o lebohe.
3. Bokang, bokang Moya o motle, o mosa, Moya o Mokhethwa; binang alleluia! Re o tshepisitswe e le Mohalaletsei, O nchafatsa pelo, o re ratisa 'nete.
4. Baena, tumisang bitso la Jehova! Chaba tsa lefatshe, binang alleluia! Khumamelang Ntate, Mora le oona Moya Modimo o le mong o roriswe ka mehla!
About this hymn
Sefela 224, “Naha Tsohle Bokang Morena”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 4 stanzas and opens with the line “1. Naha tsohle, bokang Morena Jehova,”. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.
Related hymns
More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.
- 221kea Leboha Modimo
- 222Lala Ho Nna
- 223Ntate Wa Rona Mahodimong
- 225Alleluya Ho Jehova
- 226Ho Ntate Mora le Moya
- 227Ntate Ya Mohau
Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play