Difela Tsa SioneLifela Tsa Sione - Hymns
All hymns
Sefela 156

Jo, ho phela ha rona ke'ng?

100%

1. Jo, ho phela ha rona ke'ng? Bokhabane, matla, Ke toro e re hapileng Ke moholifela

2. Bochaba, ditaba, merero, Bosea, boqheku, Lefu ha le setse letho, Lefu le sehloho

3. Leha re ka itšoarella Ka tse ngata-ngata Lefu lea re khohola, Rea kukoa, rea feta.

4. Leha re ka qea-qea Lefu le bohale! Lintho tsohle lia re siea, Re siisoa tsohle

5. Empa, tshenyehong e kalo, Uena, u sa sala, Uena, Moren'a bophelo, Fika la ka mehla.

6. Ho rona o setshabelo Sa ka mehla yohle; Ha re na ho tšoha letho Ha re u tšepile

7. Oho! U re hlalefise, Re tele tse felang; Morena, u re ruise Lintho tse hlolehang.

8. Ha re fihlisoa lebopong La noka ea lefu U re nkele leholimong, Lefatšeng la heso!

About this hymn

Sefela 156, “Jo, ho phela ha rona ke'ng?”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 8 stanzas and opens with the line 1. Jo, ho phela ha rona ke'ng?. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.

Related hymns

More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.

Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.

Take the hymns with you

Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.

Get it on Google Play