Dumela he nako e se e tlile
1. Dumela he, nako e se e tlile, U lelale ka pelo hodimo! Moya wa hao o ya ho Modimo! Moya wa hao o ya ho Modimo; Sione o s'a bonahala khanyeng. Moren'a o o emetse teng; U lemele, tsela e lokile.
2. Ho fedile bohloko le meleko, Ha ho letho le sa o tlamileng; Moya wa hao o rurela botleng, Ho Morena, bophelong, le monateng. Thaba hle, o fallela ho Ntate; U ya rua lefa la poloko.
3. Ngwan'eso, o ithoballe ka khotso; U khaole tlao tsa lefatshe; Hole le sebe le ditsietsi, Ho dikete tsa ba bolokehileng, Ya bona Modimo ka leseding; Ya boha motse wa dimakatso!
4. Ya thabela lehlakana la khanya, Le menono e se nang ho fela; U dumele ke rona kaofela; U se tshohe, ke Jesu ya o bitsang. U tshediswe noka e tshabehang, A o kenye lefatsheng la pallo.
5. Fatsheng lena la rona re tla falla; Re tla siea ditlamo tsa rona; Ho se ho kae re tla o latela; Re tla dula, re nyakalle hammoho, Re tumise rato la Modimo Ka bophelong bo se nang ho fela.
About this hymn
Sefela 157, “Dumela he nako e se e tlile”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 5 stanzas and opens with the line “1. Dumela he, nako e se e tlile,”. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.
Related hymns
More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.
- 154Selemo sena se secha
- 155Fatse le ya feta
- 156Jo, ho phela ha rona ke'ng?
- 158Itlakoleng dillo
- 159Kajeno, ngwan'abo rona
- 160Kajeno re tlil'o llela
Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play