Jehova, moren'a rona
The Lord, our God
1. Jehova, Moren'a rona, Re ntse re phela ka wena; Ka mengwaha le mengwahla, U setshabelo sa rona.
2. Dithaba di e-s'o tswalwe, Lefatshe le e-s'o bopjwe, Esale o le Modimo, U sa balwe le dilemo.
3. Batho bohle ke lerole, Ho wena e ka dithole, Ha o re ho bona: khutlang! Eba batho ba fela hang,
4. Ba jwale ka matlakala A kukwang ke dikhohola; Ba feta jwale ka toro E ikelang le bosiu.
5. Ba tshwana le jwang hosasa, Bo phakisang ho palesa; Mantsiboya ha bo helwa Bo phakise ho omella.
6. Bohale ba ha obo tukang Ke bona bo rona,Morena, Dibe tsa rona, Morena, Di bitsa kotlo ya rona
7. O di bea pepeneneng, U di hlahisa leseding, Di bonwe tsohle ke wena. Le tse patilweng ke rona.
8. Tshiu tsa rona di ile, Le dilemo di fedile; Lemo tsee re di baletsweng Di mashome a supileng.
9 Oho! Re rute Morena, Ho bala tshiu tsa rona Tse khutshwanyane, tse felang Ebe moo re hlalefiswang,
English translation
1. The Lord, our God, We live by You; Through years and ages, You are our refuge.
2. The mountains were not born, The earth was not created, You have always been God, Uncounted by years.
3. All people are dust, To You they are like drops of dew, When You say to them: return! They become people once again,
4. They are like grass blades That are blown by floods; They pass away like a dream That flees with the night.
5. They are like the morning dew, That vanishes with the sun; In the evening when it is sought It has dried up.
6. The pride of the arrogant Is seen by us, Lord, Our sins, Lord, Call for our punishment.
7. You expose them openly, You bring them to light, You see all things, even those That we hide from ourselves.
8. Our tears have gone, And our years have ended; The years we have counted Are seventy.
9 Oh! Teach us, Lord, To count our days Which are short and fleeting So that we may gain wisdom.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play