Difela Tsa SioneLifela Tsa Sione - Hymns
All hymns
Sefela 155

Fatse le ya feta

100%

1. Fatshe le ya feta, le ntse le hula Dintshiu le dilemo tsa batho; Tsatsi ka leng le tadima ho hola Ho re isang pel'a E moholo; Tsatsi ka leng le atemetsa ho tla Ha 'Moloki ya tlang ka kahlolo; Khale, khale a tswatswa a re batla E e-s'o be tsatsi la bofelo.

2. Fatshe lee re le hatang ka maoto Le labella masapo a rona; Re tla ba re epele ho lona. 'Me re tla hlaha pel'a Modimo jwang? E ka khona re itele pele. Oho, Jesu re tla itlhahisa ka'ng Ha re hloka tshwarelo ya dibe?

3. O re lopolotse, 'me re ya leboha U re atlehisetse lerato, Lerato ke tlamo ya ho phetheha, Re fe lona, etlaba ke phetho. U phakise ho tla busa lefatsheng, Ikhapele dipelo tsa bohle; Lentswe la hao a le rongwe dichabeng, 'Muso wa hao o hlole kahohle.

About this hymn

Sefela 155, “Fatse le ya feta”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 3 stanzas and opens with the line 1. Fatshe le ya feta, le ntse le hula. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.

Related hymns

More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.

Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.

Take the hymns with you

Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.

Get it on Google Play