Difela Tsa SioneLifela Tsa Sione - Hymns
All hymns
Sefela 150

Tshiu Tsaka Tse Fetileng

100%

1. Tshiu tsa ka tse fetileng Nke ke ka di lata; Ke tse ileng, ke tse ileng, Ha di na ho khutla.

2. Di sa ile ho Modimo Ho qosa diketso, Dipuo, le ditakatso Tsa motho ya soto.

3. Ha ho aka ha lebalwa eng; Mehopolo eohle E tsejwang, ka e sa tsejweng, Le eona e ile

4. Tse lokileng, tse sa lokang, Ka tse ntle le tse mpe, Tse fositseng, tse nepileng, Di isitswe tsohle.

5. Ke re'ng? di kae tsa ka tse ntle Di kae tse lokileng? Tsohle-tsohle ke dithole Mahlong a hlwekileng.

6. Oho, Modimo, nteselle Dibe tsena sa ka! Jesu, 'Moloki, nkapese Ka ho loka ha hao!

About this hymn

Sefela 150, “Tshiu Tsaka Tse Fetileng”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 6 stanzas and opens with the line 1. Tshiu tsa ka tse fetileng. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.

Related hymns

More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.

Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.

Take the hymns with you

Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.

Get it on Google Play