Difela Tsa SioneLifela Tsa Sione - Hymns
All hymns
Sefela 149

Dilemo Tsa Bocha

100%

1. Dilemo tsa bocha e ka palesa, Palesa e ponang, e omelle; Tsatsi ha le chaba, le tla e chesa, Ka mantsiboya e timele. Na bocha ba motho hase palesa? Phakisang, phakisang, tlong ho Jesu! Nako ke kajeno, se reng: Hosasa; Tlong, le mo neele dipelo!

2. Ba mo sebeletsang, dintho kaofela Di sebetsa molemo ho bona; Tseo ba di tetseng ho mo latela Ba nka ha lekholo ho tsona Le eona palesa e na le thuto E bolellang bohle: Fadimehang! Re kashwa kajeno, eba ke phetho; Tsatsi ke kajeno,phakisang.

3. Re hopoleng 'Mopi bocheng ba rona, Letsatsi le lebe le e-s'o tle, Lee re ka hlokang sebaka ka lona Sa ho 'matla ka pelo eohle. Ratong la Modimo ke ntse ke phela. Ke filwe 'Moloki ya nthatileng; Palesa ha e-shwa, teng ke ho fela, 'Na, ha ke 'shwa, ke ya ho pheleng.

4. Jesu, bocheng ba ka o nkamohele, Mohla ke shwang ke tle ke ee khanyeng; Ha ke ntse ke hola, ke o phelele, Ke ntan'o finyella monateng! Jesu, bocheng ba ka o nkamohele, Mohla ke shwang ke tle ke ee khanyeng; Ha ke ntse ke hola, ke o phelele, Ke ntan'o finyella monateng!

About this hymn

Sefela 149, “Dilemo Tsa Bocha”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 4 stanzas and opens with the line 1. Dilemo tsa bocha e ka palesa,. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.

Related hymns

More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.

Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.

Take the hymns with you

Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.

Get it on Google Play