Difela Tsa SioneLifela Tsa Sione - Hymns
All hymns
Sefela 147

Bomadimabe Bo Bokaakang

100%

1. Bomadimabe bo bokaakang Ho bana ba batho! Kaofela bo-mang le mang, Ba matleng a lefu.

2. Rona. Re boha bonatla, Hlalefo, boholo; Tsena tsohle ke lefela Ha ho hlaha lefu.

3. Le hlaha ka matshabeho Le ha mahlomola; Le feta le siea dillo Le dithako fela.

4. Empa bathing ho hlahile Moren'a bophelo; Ke senatla, ke mohale, Ke Mor'a Modimo!

5. O phalletse ho hlakola Mehlala ya lefu, Ho tshepisa, ho tshedisa Dipelo tsa batho.

6. Le lefu o le betile. O le kateletse, O le hlotse; ho fedile, O re lopolotse!

7. Se tshohe, se thothomele, Ngwana wa Modimo! Lefung, matla le tsenene Di se di le sieo.

8. Se teng fela ke bophelo Bo khanyang lebitleng; Ke hlwekiso, ke letl?tlo, Ha o ya Moreneng.

About this hymn

Sefela 147, “Bomadimabe Bo Bokaakang”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 8 stanzas and opens with the line 1. Bomadimabe bo bokaakang. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.

Related hymns

More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.

Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.

Take the hymns with you

Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.

Get it on Google Play