Difela Tsa SioneLifela Tsa Sione - Hymns
All hymns
Sefela 109

Jesu Ke Setshabelo

100%

1. Jesu ke setshabelo Bohlokong ba pelo, Madi a hae ke tefo E lefang melato; Re mo tshepeng kaofela, Dibe a di tlose; Bohle ba ka dumela: O ba lopolotse.

2. Ba dumelang ka 'nete Ba ka nyaroha ke'ng? Ba telang taba tse mpe Ba lahlehile neng? Ke bana ba lefatshe Ba ka thothomelang, Ba hlokang Mopholosi Ya ka ba pholosang.

3. Ha re hloka lefatsheng Monono wa lona, Letlotlo le sa botsweng, Le teng ho jehova; Bakhethwa ba 'Moloki Ba le bona ho shweng, Lefa la bapholohi, Lee ba le jang botleng.

4. Re tlisetseng tumelong, Ha re sa le tlase; Ho kena lehodimong, Re tele lefatshe; Re kopaneng le Jesu Ya re fang poloko. Ho mo rata la pelo Ke bona bophelo

About this hymn

Sefela 109, “Jesu Ke Setshabelo”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 4 stanzas and opens with the line 1. Jesu ke setshabelo. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.

Related hymns

More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.

Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.

Take the hymns with you

Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.

Get it on Google Play