Difela Tsa SioneLifela Tsa Sione - Hymns
All hymns
Sefela 106

Morena Ho Hotle Hakaakang

100%

1. Morena, ho hotle hakaakang Ha o nkhopola teroneng, U ntsela lerato le tukang Pelong ya ka e hatsetseng. Ka mehla ke tla o leboha, Hoba o ntsitse thohakong, U mpatletse ho khatholoha, Ka ho kena matswenyehong,

2. Ha o mpona ke sa labile Ho dintho tse sa ntokeleng, Kapa nthwana ha e ntlamile, Ee wena o sa e rateng, kapa ke ya bohlokwa ho'na Ho feta thak' leihlo, Khaola hang ditlamo tsena, Ke lokollwe, ke be wa hao.[bis]

3. Pelo ya ka ya o lakatsa, Jesu,u ikahele teng; U ne o re , o tla e etsa Tempele e o khethetsweng E buswe ke moya o motle, E tlale rato la boena, E khabiswe ka dintho tsohle Tse ka o ratisang eona.

4. Thua, chesa, fedisa ruri Tsohle tse sa o khahliseng; Fatshe ha le sa ntse le ntshwere Ka lehlokwana le le leng, E ntse e le mahlaanhlela A ntshitang ho o latela Athe o itse, ba itelang Ke bona ba o tshwanelang, }(bis)

About this hymn

Sefela 106, “Morena Ho Hotle Hakaakang”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 4 stanzas and opens with the line 1. Morena, ho hotle hakaakang. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.

Related hymns

More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.

Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.

Take the hymns with you

Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.

Get it on Google Play