Difela Tsa SioneLifela Tsa Sione - Hymns
All hymns
Sefela 107

Hlohonolo Ke Laba Sa Rateng

100%

1. Hlohonolo ke la ba sa rateng Ho kopana le ba sa dumeleng, Le ho ya ka ditsela tsa e mobe, Le ho dula setulong sa mosomi; Ba thabelang molao wa Modimo, Ba o bala nyene le bosiu.

2. Ba tla tshwana le fate se melang Makopanong a diba tse kwellang, Se sa hakweng ke ho bea ha sona, Se khahlisang ha motho a se bona, Se mahlaku-matala ka mehla; Ba kang sona, bona ba iketla,

3. Ha ho jwalo le ya bolotsana, O fefolwa ke setsokotsane, E le mooko o se nang ho bolokwa; Taba tsa hae di se di tla rohakwa, O tla tsuwa kahlolong ya bohle, A lelekwe pontsheng ho ba batle.

4. Mahlo a teng a qamakang mekhwa E khopameng, le e tlang ho bokwa. Mahlo a mang? A moran'a marena. Taba tsohle di lekanngwa ke eena: Ba lokileng o tla ba emela, Ba leng khopo bona bat la fela

About this hymn

Sefela 107, “Hlohonolo Ke Laba Sa Rateng”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 4 stanzas and opens with the line 1. Hlohonolo ke la ba sa rateng. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.

Related hymns

More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.

Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.

Take the hymns with you

Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.

Get it on Google Play