Moya Waka O Rorise
My Soul, Praise
1. Moya oa ka, u rorise Molimo Ka lipina tse batlang leholimo, Bitso lena le bokoe ka mehla; U lebohe paballo ea Morena, Ka lerato lohle le ka ho uena; Tsoha joale, u boka ka matla.
2. Dibe tsa hao di hlakoloa ke yena, Oa o tlisa ha lefu le u kena. U se phake ua oela lebitleng. Ha u lapa, ahlamisa molomo, U futisoe monate le molemo, Bocha ba hao e be bo sa feleng.
3. pelo ea hae ke peloe telele, E mosa, e sa halefeng kapele; O khutsisa lentsoe le rohakang Libe tsa hao, tse tšoaneloang ke kotlo; O sa ntse a u biletsa letlotlo; Na mohau ona o mokaakang!
4. O phahame joale ka leholimo! Isa mahlo ka 'nga ea bochabela, Bo lekanye le bophirimela; Libe tsa hao, ha li nkoa ke Morena, Li lahleloa hole joalo le uena, li timetsoa ke ea u emelang.
5. Ho joale ka motho ha a hauhela Bana ba hae, leha ba mo siteloa; O tsebile hoba re lerole; Re limela tse phakang ho palesa; Tse felang hang ha moea o li chesa, Molora o fefoleloang hole.
6. Se sa feleng ke mosa oa Morena; Ba mo tšabang ba pholosoa ke yena Ha ba etsa see a se laelang; O tla rata litloholo tsa rona, Ha re tlosa pel'a mahlo a tsona Libe tsohle le mekhoa e senyang.
English translation
1. My soul, praise God With songs that reach heaven, Let this name be praised forever; Thank Him for the care of the Lord, With all love and in you; Rise now, praise with strength.
2. Your sins are cleansed by Him, He brings you when death comes. Do not hurry to fall into the grave. When you are hungry, open your mouth, You will be satisfied with Sweetness and goodness, Your youth will be renewed forever.
3. His heart is long-suffering, Kind, slow to anger; He silences the voice that curses Your sins, which deserve punishment; He still calls you to glory; What great mercy is this!
4. He is exalted like the heavens! Look eastward, Measure it with the west; Your sins, when taken by the Lord, Are thrown far away from you, They are destroyed by Him who stands for you.
5. Just as a man has compassion On his children, even when they offend him; He knows that we are dust; We are plants that bloom and fade; Which perish when the wind blows, Ash scattered far away.
6. What endures is the mercy of the Lord; Those who fear Him are saved by Him When they do what He commands; He will love our descendants, When we remove from their sight All sins and harmful ways.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play