Difela Tsa SioneLifela Tsa Sione - Hymns
All hymns
Sefela 7

Jehova Modimo Wa Iseraele

Jehovah, God Of Israel

100%

1 Jehova, Modimo wa iseraele, U re faladitse lefifing la pele; Re thaba hakaang ha re o khumamela; Kajeno re batho, re tseba ho rapela.

2 Maoto a khotso, a tswang ho monghadi, A tlile Lesotho, lefatsheng la madi, A re a sa hlaha, Satan'a thothomela, Mokhosi wa khutsa, dira tsa re bakela.

3 Mahaheng a matsho, thakong tsa ledimo, Ho binwa sefela se bokang Modimo; Naha ya nyakalla, e khabile ka metse, Nala e hlahile bakeng sa ditsietsi.

4 Ba neng qhalana ba bowela ha habo, Ba diqhobosheyane ba ba nka ka thabo; Leqheku le akwa ke tloholo tsa lona, Di tla di hodile; ho bokoe Mong'a bona!

5 E, dipoko tsohle di hlabe hodimo Ho wena, Jehova ,Morena Modimo! Re sechaba sa hao , se ratiloeng ke Jesu; Tiisa 'muso wa hao fatsheng lena la heso.

English translation

1. Jehovah, God of Israel, You have delivered us from the former darkness; How happy we are to worship You; Today we are people, we know how to pray.

2. The feet of peace, coming from the Lord, Came to Lesotho, the land of blood, When they appeared, Satan trembled, The cry was silenced, our enemies were defeated.

3. In the dark caves, on the cliffs of thunder, A song is sung praising God; The land rejoiced, it is adorned with villages, Harvest has come because of suffering.

4. Those who were scattered have returned home, The strongholds have been taken with joy; The old man is comforted by your descendants, They have grown up; praise their Lord!

5. Yes, all voices should be raised To You, Jehovah, Lord God! We are Your people, loved by Jesus; Establish Your kingdom in this land of ours.

Take the hymns with you

Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.

Get it on Google Play