Dibe tsa batho
1. Dibe tsa batho Di tswala lefu; Adam'o tlotse; Mohlang oo, Jehova o mo ahlotse.
2. Le rona bohle Ha re na botle; Dibe dia re ja, Ba metse ka metse Dia re bolaya.
3. Helang, ba heso, Latelang Jesu, Le mo mameleng, A buse ho rona, 'meleng le moyeng.
4. O re tswaletswe, O re hlabetswe; Jwale re bona Baka sa pwelano Le Ntat'a rona.
5. Tsohle ke tsa hae. O khutletse hae Ho re hlekela Tulo ho Modimo, Ho re rapella.
6. Ba se nang wena, Mong'a marena, Ba ka phela jwang? Ba dutseng ho wena, Ke bat la phela.
About this hymn
Sefela 87, “Dibe tsa batho”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 6 stanzas and opens with the line “1. Dibe tsa batho”. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.
Related hymns
More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.
- 84Ha ke fuputsa bukeng ya bophelo
- 85Moren'a ka, lentswe la hao
- 86Dibe di teng
- 88Batho ba sa tsebeng Jesu
- 89Se teng sediba sa madi
- 90Tlong, ba heso
Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play