Difela Tsa SioneLifela Tsa Sione - Hymns
All hymns
Sefela 85

Moren'a ka, lentswe la hao

100%

1. Moren'a ka, lentswe la hao Na ke tla le leboha ka'ng? Le lokile, le molemo Ho tsohle tse ka bolelong; Theko ya lona e feta Ya silevera le gauta.

2. Ho lona ke ntse ke bona Dijo tsohle tse mphedisng; Bese le loketseng bana Bohobe bo 'matlafatsang. Tse ding leha di ka ntena, Nke ke ka tenwa ke lona.

3. Tseleng ya ka ke lebone Le montshng hohle moo ke yang; Seding la lona ke bone Tse monate, tse nkhothatsang; Teng ke bone ka tumelo Tsa fatshe lela la pallo

4. Ke lengolo le monate Le tswang mane lehodimong, Le ngoletswe 'na ke Ntate. O re ke kene bophelong. Ka mehla ha ke le bala, Pelo ya ka ya nyaroha.

5. Moren'a ka, ke ya rapela U nkekeletse mohau, U 'neile Lentswe lena, U 'nee le Moya wa hao! E be oona o ntemosang Taba tsa lona tse hlollang.

About this hymn

Sefela 85, “Moren'a ka, lentswe la hao”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 5 stanzas and opens with the line 1. Moren'a ka, lentswe la hao. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.

Related hymns

More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.

Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.

Take the hymns with you

Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.

Get it on Google Play