Ha ke fuputsa bukeng ya bophelo
1. Ha ke fuputsa bukeng ya bophelo, O Morena le Modimo wa ka! U nthuse ka moya wa khalalelo, Ke utloisise taba tsa eona.
2. Polelo tsa hao kaofela, Modimo, O, ke tse hlabosehang hakaakang! Di fetisa dinotshi ka molemo Dipelong tsa ba di chesehelang.
3. di fetisa hole le ka monate Menono, menyaka e lefatsheng; Tsena tsohle di tla fela kapele, Empa tsa lentswe ke tse sa feleng.
4. Ha ke san a ho hlolohelwa tse ding; Tsa hao, Morena, dia ntekana; Ha ke mamela, ke kena leseding Ke nka matla, ke thabela tsona
5. Morena, ke tswa bala tsa Mangolo, U nthuse jwale ho di boloka, Le ho etsa kamoo e leng tshwanelo, Ke tle ke tsebe ho o tlotlisa,
6. E be tsona lebone maotong a ka, Le mponesang kahohle moo ke yang; E be sedi le khanyang tseleng ya ka, Le mpontshang le kamoo ke tsamayang
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play