Moetsalibe, tlo koano
1. Moetsalibe, tlo koano, Tlo, u tle le libe tsa hao, U se ke ua pata letho; U tle, ho cho Jesu.
2. Moetsalibe, tlo fela, U se hane lentsoe la ka, Ke tla ho pholosa fela; U tle, ho cho Jesu.
3. Moetsalibe, tlo joale, Se re u iteka pele, Ke 'na ke u hlatsoang libe; U tle, ho cho Jesu.
4. Moetsalibe, tlo koano; Mopholosi e mong h'a eo. Ke'na fela mohaeno; U tle, ho cho Jesu.
5. Moetsalibe, tlo fela, Oho! Se inkele letho; Ke tla u fa tsohle fela; U tle,ho cho Jesu.
6. Moetsalibe, tlo joalo, Ke neneng ke u emetse! Hl'u akofe,se liehe, U tle, ho cho Jesu.
About this hymn
Sefela 72, “Moetsalibe, tlo koano”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 6 stanzas and opens with the line “1. Moetsalibe, tlo koano,”. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.
Related hymns
More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.
- 69Thaba Molahlehi
- 70Naha tsohle tsa lefatshe
- 71Ba nyoriloeng, le tle metsing
- 73Ngoana ea letsoalo
- 74Akofa motho, o se re
- 75Bohle ba ratang ho phela
Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play