Difela Tsa SioneLifela Tsa Sione - Hymns
All hymns
Sefela 70

Naha tsohle tsa lefatshe

100%

1. Naha tsohle tsa lefatshe, Rorisang lehodimo. Le chabelwa ke letsatsi, Le rongwa ke Modimo. Ba lefifing bat la tseba Molopoldi wa bona; Ba tla bontshwa ke leeba, Leeba la Jehova.

2 Jesu o n'a shwele batho, Ho ba lefella dibe; Jwale, ba tloswa melato Ka tumelo ya 'nete, Konyana e re hlabetsweng E ba bitsa kaofela; E re ba lopolloe ho shoeng, Ba abeloe ho phela.

3. Jesu o roma! Itaba Ho bohle ba lefatsheng Ba tle ba be le ho thaba Ho bonwang evangeding. Baruti ba se ba ile Pheletsong tsa lefatshe; Bongata bo fetohile, Hohle ho nyakaletswe.

4. Chaba di tle di rapele Ho 'Moloki wa tsona; Le Basotho ba thabele Mopholosi wa bona. Le ba e-song ho dumele Jesu o sa ba bitsa, Ba tle bamo khumamele, Ba fedise ho nyatsa.

5. Badibe bas a timetseng, Phakisang ho ba batla; Molopoldi e aba shoetseng, U ba bitse ka matla! U ba bokolle ka bong, Mohlape o be mong fela, Le Modisa a be mong.

About this hymn

Sefela 70, “Naha tsohle tsa lefatshe”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 5 stanzas and opens with the line 1. Naha tsohle tsa lefatshe,. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.

Related hymns

More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.

Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.

Take the hymns with you

Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.

Get it on Google Play