Difela Tsa SioneLifela Tsa Sione - Hymns
All hymns
Sefela 71

Ba nyoriloeng, le tle metsing

100%

1. Ba nyoriloeng, le tle metsing, Bahloki, le tle sebeseng; Leha le setwa ke theko, Le tla fuwa lekelo. (bis)

2. Lereka'ng se seng ho ja, Se ka le lapisang moya? Le 'mamele ka teboho, Le tle le khore monono. (bis) Ho 'molela, 3. Le batle Moren'a lona Ha le sa ntse le ka 'mona 'Mitseng h'a sa le haufi; 'Moloki e mong ke ofe? (bis)

4. Khelohang, le battle tsela E lokileng, ya ho phela; Ba bakelang dibe tsohle, Ba tla amohelwa bohle. (bis)

5. Mehopolo ya Modimo E fetisa lehodimo; O tshwarela halekholo Ba ipolelang melato. (bis)

6. Pula e tebelang mobung E ka khutlela jwang marung? E tla medisa mabele, Balemi ba athabele.

7. Jesu, ho jwalo le molao O tsoileng molomong wa hao; O tla hlahisa kahohle 'Muso wa khotso, wa botle. (bis)

About this hymn

Sefela 71, “Ba nyoriloeng, le tle metsing”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 6 stanzas and opens with the line 1. Ba nyoriloeng, le tle metsing,. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.

Related hymns

More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.

Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.

Take the hymns with you

Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.

Get it on Google Play