Utlwang Sello Sa Dichaba
1. Utlwang sello sa dichaba, Ke sello sa phohomela: re ya timela! (bis) Ke sa chaba tsa ba batsho, Tse ngata-ngata, tse kholo, Tse hole le tse haufi, Le tse mose ho Zambesi.
2. Jo, ho ka bolela mang na Tse re nyarosang tsa bona? Bomadimabe! (bis) Lefifing le letsho-letsho Ba holehiloe ke lefu; Ba tletse tshoho le nyooko, Ba Iahlehetswe ke tshepo.
3. Na ha le hlomohe pelo, La ba la utlwa boh oko. La lla meokho? (bis) Na hase ba habo lona, Ba lefatshe la Afrika? Na le bona ha se batho? Na ha ba shwelwa ke Jesu?
4. Utlwang, le Moren'a lona, O nts'a lla, O sa nts'a bitsa: Ke tla roma mang? (bis) Hleka O hlokile motho Har'a bana ba Lesotho, Ha le khutsitse kaofela, Ho nts'o bitsa Mong'a lona?
5. Ana ho ya araba mang Jwale, ka pelo e tukang: Nthome, Morena! (bis) Ke bothata o bo tshabang, Lehae o le qenehetseng, Ha o re: Ho ka ya ba bang, 'Na che, ha ke na taba teng?
6. O, se iketleng hakalo, Le hlaphoheloe boroko; Nako ya feta! (bis) Se someng Moren'a lona Ya pheellang ho le roma, Tsohang, se keng la dieha! Ba dichaba ba timela.
About this hymn
Sefela 441, “Utlwang Sello Sa Dichaba”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 6 stanzas and opens with the line “1. Utlwang sello sa dichaba,”. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.
Related hymns
More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.
- 438Oho Se Fele Pelo
- 439Ba Bitseng Le Ba Qophelle
- 440Na Le Re Phomolo E Teng
- 442Jesu Ha Ke Batle Thuso
- 443Se Sa Le Teng Sebaka
- 444Re Bahlanka Ba Hao
Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play