Difela Tsa SioneLifela Tsa Sione - Hymns
All hymns
Sefela 438

Oho Se Fele Pelo

100%

1. Oho, se fele pelo, Ngwana wa Morena, Meleko e meholo, Leha e o dika, Tshepa, tshepa. U tshepe 'Moloki; Tshepa, tshepa, Thuso e haufi!

2. Leha di o chehile, Takatso tsa nama, Menyaka ya lefatshe E se e o hapa, Tshepa, tshepa. U na le Morena; Tshepa, tshepa. Khomarela yena!

3. Leha ntwa tse lerata Di o kene pelo, U tepeletse, o – eshwa, Mahlo a le matsho, Tshepa, tshepa. Jesu o sa le teng; Tshepa, tshepa. U ya pholohileng.

4. Mohlomong le maswabi A babisang pelo, Ho wena ke lefifi, Moriti wa lefu; Tshepa, tshepa. Jesu ke motshedisi; Tshepa, tshepa. Ke yena lesedi

5. Tshepa, tshepa ka mehla Le ka pelo eohle; U tshepe Jesu fela, U tla 'ne o phele. Tshepa, tshepa. Ho pheleng le ho shoeng, Tshepa, tshepa. Jesu, ho sa feleng!

About this hymn

Sefela 438, “Oho Se Fele Pelo”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 5 stanzas and opens with the line 1. Oho, se fele pelo,. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.

Related hymns

More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.

Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.

Take the hymns with you

Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.

Get it on Google Play