Difela Tsa SioneLifela Tsa Sione - Hymns
All hymns
Sefela 443

Se Sa Le Teng Sebaka

100%

1. Se sa le teng sebaka bohading; Ntlo ha e s'o tlale, Di sa le teng, ditulo moreneng; Phuthang bamemuwa. Tswelang ditseleng le kahohle, Le bitse batho, le ba khanne, Le re, baka se sa le teng.

2. Se sa le teng, ho rialo Morena; Ntlo e ke e tlale. Lentswe la hae le dume ka matla Har'a ba dichaba. Pelo ya hae e tletse mohau, E rata poloko ya batho. Ruri, baka se sa le teng.

3. Se sa le teng; mamela, modibe, Lentswe le monate. U mohloki, o sehole ruri, 'Me o lahlehile. E-re: Jesu, mphe, ke lefela, Ke lesitsi, o nkhauhele, Le 'na, le 'na, ke e'o kena.

4. Se sa le teng; se hane, ngwan'eso; Le wena wa bitswa. Tlo moketeng, o lalle le Jesu; U tla amohelwa. Mohani o tla ja thohako; Ya tlang o tla bona bodulo; Etswe baka se sa le teng.

5. Se sa le teng, ntlong ya lehodimo, Baka se seholo. Ke phomolo, ke khotso ya pelo Sefubeng sa Jesu, Teng ho fumanwa thabo, khanya, Bophelo bo se nang ho fela. Helang, baka se sa le teng!

About this hymn

Sefela 443, “Se Sa Le Teng Sebaka”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 5 stanzas and opens with the line 1. Se sa le teng sebaka bohading;. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.

Related hymns

More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.

Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.

Take the hymns with you

Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.

Get it on Google Play