Lelala O Tswele Pele
1. Lelala, o tswele pele, Moeti wa Morena! U tseleng, se belaele, U tla fihla le wena. Leha o se o khathetse, U tswele le ditlhabela, Bona, o s'u atametse, Khothala, o ya fihla!
2. Lelala, o tswele pele, Tsa tsela di bohloko; Dia kallana, ha di fele, Tse o fedisang pelo. Empa ha se tsa ka mehla, Ke tsa metsotso o le mong; Eto le se le ya fela, U fihle lehodimong.
3. Lelala, o tswele pele, U tsamaye ka thabo; Maswabi o a hlakole, U ele sefahleho! Se paqame, mofokodi, Oho, tsoha hle molota; U setse o le haufe, U qetile bothata.
4. Lelala, o tswele pele, Mohlori ya ratehang! Ha o setse o fihlile, U tla thaba hakaakang! Tsa tsela jwale di be kae, Le tse o palesang pelo? Phomola, o fihlile hae, Moratuwa wa Jesu!
About this hymn
Sefela 425, “Lelala O Tswele Pele”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 4 stanzas and opens with the line “1. Lelala, o tswele pele,”. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.
Related hymns
More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.
- 422Modimo, Mong A lefatshe
- 423Ditshiu Dinako Tsohle
- 424Bakhethwa Binang Alleluya
- 426O Tla Busa
- 427O Modimo Re Hloreha Hakaakang
- 428Nkekeletse Ntate
Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play