Ditshiu Dinako Tsohle
1. Ditshiu, dinako tsohle Tsa ho phela ha ka, Ntate, o s'u di rerile, Di tsejwa ke wena. Le tsohle tse ka ntlhahelang, Ke kamoo o ratang.
2. Ha kena ho tsota letho, Le ho belaela; U ntherile ka lerato, U ntse o nkhopola. Pheello, thapelo ya ka, Ke ho o khahlisa.
3. Mphe rato le fadimehang, Nthute ho hauha, Ke tsebe ho lla le ba llang Le ho ba tshedisa; Ke thabe le ba thabileng, Bang ka 'na Moreneng.
4. Ho hapjwa ke tse tumileng, Ho hola le tsona, Ho batla le tse tebileng, Ke tse ronang ngwana. Ya ka taba, ya tshwanelo, Ntate, ke taelo.
5. Oho, ntshitse ka matsatsi Ka matl'a lekanang; Ke sebetse mosebetsi, Oo o nthomileng oona! Ha nka o phetha, Morena, Ho roriswe wena!
6. Tse bohloko, le tse hlabang, Taba tse boima, Di atile tse re lekang Ho pheleng ha rona. Jesu, ba bang ba o tshepa Ba ntse ba iketla.
7. Ha o khahlwa ke ho nthoma, Nthute ho itela, Ke o khahlise ka mehla, Leha ke se letho; Ruri ke tlale lerato, Bonyenyaneng ba ka!
About this hymn
Sefela 423, “Ditshiu Dinako Tsohle”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 7 stanzas and opens with the line “1. Ditshiu, dinako tsohle”. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.
Related hymns
More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.
- 420Sona Marung O Sa HlahaSinking Deep In Sin I Cried
- 421Ha Kene Ke Itsela Ka DikhaphaWhen I Was Sinking Deep In Sin
- 422Modimo, Mong A lefatshe
- 424Bakhethwa Binang Alleluya
- 425Lelala O Tswele Pele
- 426O Tla Busa
Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play