Fatshe ke la Morena
100%
1. Fatshe ke la morena: Le hlodiloe ke yena, (bis) Le ba ahileng ho lona; O le theile khale (bis) Hodimo ha mawatle Le hodimo ha dinoka.
2. Ho tla nyolohela mang Lerallaneng le khanyang, (bis) Letlotlong la Mohlolehi? Ke ba atla tse tshweo, (bis) Ke ba fetotsweng pelo, Ba phekotsweng ke 'Moloki.
3. Phahamisang dihloho, Menyako e hodimo, (bis) Ho kene Moren'a kanya! Ke Moren'a khanya ke mang? (bis) Ke Moren'a ba phelang, Ke Jesu ya tswang ho fenya.
4. Re tla kena ka yena, Re tla bewa marena (bis) Ke letlotlo la Jehova. Phahamisang dihloho, (bis) Menyako e hodimo, Ho kene Moren'a khanya!
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play