Na O Kokomalla'ng
1. Na o kokomalla'ng Lefifing le letsho? U nts'u hanellela'ng Teronkong ya lefu?
Jesu o tlile, Ke Molopodi; O thuile mamati; Tswa, o tswe kapele.
2. Le tse o tantileng, O se re, di matla; Ke ntho tse bodileng, Di nathoha fela.
Jesu o tlile, …
3. Leha o tsiapa, O se o khathetse, Leka le ho khasa, Ha o pholositswe.
Jesu o tlile, …
4. Teronkong, tse jewang Na ha di manyala? 'Me le tse aparwang Na ha di ditshila?
Jesu o tlile, …
5. 'Me o qenehela'ng? O khahlwa ke dife? Ke'ng e ka o tshwarang Teronkong ya dibe?
Jesu o tlile, …
6. U tsohe ka tshepo, Sedi le chabile' Matla, tokoloho, Di ho wena tsohle.
Jesu o tlile, …
7. Mofo wa tahleho, Nyakalla kajeno; U ngwan'a Modimo, Moratuwa wa Jesu.
Jesu o tlile, …
About this hymn
Sefela 351, “Na O Kokomalla'ng”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 14 stanzas and opens with the line “1. Na o kokomalla'ng”. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.
Related hymns
More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.
- 348Jo, Khalefo Ya Modimo
- 349Utlwang Ditaba
- 350Jo, O Batlile O Dumela
- 352O Motle Hakaakang
- 353Na O Hlompheha Hakaakang
- 354Pula Tsa Lehlohonolo
Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play