Na O Hlompheha Hakaakang
1. Na o hlompheha hakaakang, Ngwan'a Morena e motle! Bona ba o felehetsang, Ba hwatata hohle-hohle.
2. Ha o lala, o robala, Lengeloi la Modimo Le heama ka makhotla Ho wena, pel'a mosamo.
3. Ana ke tlokotsi efe E ka bang ya o hlahela? Mara a makale-kale A eme, a fadimeha.
4. Ha o tsoha, o tsamaya, Leetong o tswela pele, A se a kotoloha, A ntse a o teetse hare.
5. Ke ba o hlekelang tsela, Ba o phemisang tsietsi, Mamena la madumela, Moo o ka welang o 'notshi.
6. Ba o boloka maoto Ba o beile diatleng; Ke ka taelo ya Jesu, Morena ya o ratileng.
7. U khothahale, ha o mong; Dira di ka o rorela, Ba o bolokang leetong Ke moifi wa dinatla.
About this hymn
Sefela 353, “Na O Hlompheha Hakaakang”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 7 stanzas and opens with the line “1. Na o hlompheha hakaakang,”. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.
Related hymns
More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.
- 350Jo, O Batlile O Dumela
- 351Na O Kokomalla'ng
- 352O Motle Hakaakang
- 354Pula Tsa Lehlohonolo
- 355Jehova Mo Tsamaise
- 356Na Ke Bomang Mose Ledibohong
Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play