Motse oo re o hlolohetsweng
1. Motse oo re o hlolohetsweng Re se re o bona pejana; Leha maranyan'a sa le teng, O se o hlahile, wa khanya.
Monateng, kapele, (bis) Re se re tla kopana bohle. (bis)
2. Ntate o re lebeletse teng, Re lokiseditswe ditulo, Ana re tla finyella neneng Monyakeng ola wa lerato?
Monateng, kapele, …
3. Se swabeng! re tsoheng molota, Leha r'eshwa ke sekoboto. Bonang, ha ho sa le sebaka, Re habeng, e s'e le phomolo.
Monateng, kapele, …
4. Ha re atamela haufi, Re se re hlolwa ke nyakallo; Re ya o opela mohofi, Motse o motle wa Modimo.
Monateng, kapele
About this hymn
Sefela 307, “Motse oo re o hlolohetsweng”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 8 stanzas and opens with the line “1. Motse oo re o hlolohetsweng”. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.
Related hymns
More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.
- 304Jo, ke madimabe jwang
- 305Batlang le batlisise
- 306Na o tseba Modimo?
- 308Ke se ke utloile
- 309Ho fedile, ke lehlohonolo
- 310Fatsheng la bomadimabe
Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play