Jo, ke madimabe jwang
1. Jo, ke madimabe jwang, Ke soto hakaakng! Ke ya hlora , ha ke iketle, Jesu, ha o diketse. Ke tsamaya ke teneha, Dintho tsohle di bosula; Nkhauhele, Morena, Ke tsetselela wena.
2 Ke setse ke maketse Jo, ke tepeletse; Ha ke tsamaya ke le mong, Ke maswabi, ke dihlong. Na o kae, 'Moloki wa ka, Jesu, tsatsi la ho loka? Ho lefifi kahohle; Jesu, o nkhauhele!
3. O tabole lesira Oho, tlosa lera Le mpatelang wena, Jesu, Le mpakelng maruru, Ha ke ntse ke qhaqhasela, Ke shwele ke mohatsela, Oho, boya, nchabele, Nke ke bowele ke phele!
4. Na ke sa tla kopana Le wena, Morena, Ke o bohe sefahleho, Le 'na ke khore thabo? Ha o ntahla, ke khutsana, U ntshibolle, ke shwele, Jesu, ke o tshepile.
About this hymn
Sefela 304, “Jo, ke madimabe jwang”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 4 stanzas and opens with the line “1. Jo, ke madimabe jwang,”. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.
Related hymns
More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.
- 301Ke thabile, ke ratwa ke Ntate
- 302Tsoha, u ee tšimong
- 303Ya, o pate dillo
- 305Batlang le batlisise
- 306Na o tseba Modimo?
- 307Motse oo re o hlolohetsweng
Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play