Tsoha, u ee tšimong
1. Tsoha, u ee tšimong, ea ho sebetsa, Mosebetsi teng o moholo-holo; Basebetsi bona ba hlokahala; U ee, kea u roma, uena, kajeno! Ho na le ho khatha le ho phophotha, Ho lema, ho tšosa, le ho hlahola; Batana li teng, ho fata thakali, U na le ho tsoma noha le phiri.
Tsoha, u ee tšimong ea ka, u ee kapele; Tsoha, u ee, ke u romile, uena ka sebele
2. Tsoha, u ee tšimong, u rongoa ke 'na! U motho oa ka, ha u na ho hana. Ke ka mali a ka ke u rekileng, Uena, molahlehi ea tepeletseng. Ka hloboha tsohle: hlompho, borena, Ka ikhoahlapatsa, ka shoela uena, Tsohle tsa hao he, hlelefo le matla, Leruo le botho, kea li batla.
Tsoha, u ee tšimong ea ka,…
3. Tsoha, u ee tšimong, u liehetseng? Ea, u phakise, tsatsi le sa le teng. Meriti e se e thea, e hola; Phakisa, letsatsi le ea likela; Sebetsa ka matla, ka mofufutso Ho lehlo 'nolo motho ea khothetseng, Ea phethang tsohle tsee ke mo laetseng.
Tsoha, u ee tšimong ea ka,…
About this hymn
Sefela 302, “Tsoha, u ee tšimong”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 6 stanzas and opens with the line “1. Tsoha, u ee tšimong, ea ho sebetsa,”. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.
Related hymns
More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.
- 299Se khathaleng, bana beso
- 300Ke buletswe phatlalatsaI have been called to proclaim
- 301Ke thabile, ke ratwa ke Ntate
- 303Ya, o pate dillo
- 304Jo, ke madimabe jwang
- 305Batlang le batlisise
Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play