Difela Tsa SioneLifela Tsa Sione - Hymns
All hymns
Sefela 3

Pela Tulo Se Tshabehang

Near A Terrible Place

100%

1. Pel'a tulo se tshabehang Sa borena ba jehova, Bohle , batho ,atamelang, Anang ka ho thothomela. (bis)

2. Le mo tsebe ,ke Modimo, Ke 'mopi wa dintho tsohle ; Machaba , marena , bafo, Pel'a a hae e ka lerole, (bis)

3. wa laya wa khalemela, Ho se ya ka mo fetolang; Wa phedisa, wa timetsa, O etsa kamoo a ratang. (bis)

4. Empa ho yena lerato Le khanya jwale ka matla, Le timetsa mehopolo; hape, ha le na ho fela. (bis)

5. Morena, o re bopile U re baballa ka matla ; Ntate, o re bolokile, Ha re sa ho timela. (bis)

6. Re tla phahamisa mantswe 'moho le machaba-chaba; Bohle, ka pelo e le 'ngoe; Ke mehla re tla o boka. (bis)

English translation

1 Near a terrible place Of the kingdom of Jehovah, All people, come near, Sing with trembling. (bis)

2 Know Him, He is God, He is the creator of all things; Nations, kings, and elders, Before Him you are dust. (bis)

3 He commands and rebukes, No one can change Him; He heals, He destroys, He does as He pleases. (bis)

4 But in Him is love And glory now in power, It destroys our thoughts; And it never ends. (bis)

5 Lord, You created us You save us with power; Father, You have saved us, We will never perish. (bis)

6 We will raise our voices Together with all nations; All with one heart; Forever we will praise You. (bis)

Take the hymns with you

Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.

Get it on Google Play