Difela Tsa SioneLifela Tsa Sione - Hymns
All hymns
Sefela 275

Lemohang rato la Jesu

100%

1. Lemohang rato la Jesu, O molemo, Le feta rato la batho O lereko. A rata ba sa mo rateng, A batla ba sa mo batleng, A fumana ba timetseng O mohau.

2. Ithuteng rato la Jesu, Le mohlolo, Le theohelang ho motho A le soto. Ke le mo nyollang timelong, Le mo isa lehodimong Ho mo fihlisa bophelong Ho Modimo.

3. Se kheseng rato la Jesu Le leholo, Ke le phahameng jwale ka Lehodimo. Ka 'nete ke la bohlokwa, Ke le se nang ho lekanngwa, Le ya bitswang Moratuwa Wa Modimo.

4. Ke leo rato la Jesu La sebele; Ya tshabang tshiu ya lefu A le kuke. Phakisang, itlhahaneleng, Phallang, le le titimeleng; Le lekane, ha ho le leng, Ke la bohle.

Take the hymns with you

Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.

Get it on Google Play