Difela Tsa SioneLifela Tsa Sione - Hymns
All hymns
Sefela 277

Morena, banyadi bana, ba itletse

100%

1. Morena, banyadi bana Ba itletse ho wena; Ba tlil'o kopela nyalo La bona hlohonolo.

Ba amohele, U ba mamele Merapelong ya bona ya jwale; Ba ipatlele Mpho tsa sebele, Hore batle ba iketle, T. le B.: Amohelang merapelo ya bona; bis Amohela kopo tsa bona. Bis

2. Bocha bo ba thabisitse, Ba khahliloe ke botle; Ba thabile, ba ratana, 'Me ba sa kha dipalesa. Ba amohele…

3. O, ba re ba tla ratana Mahlomoleng le thabong! Maloetseng le boiketlong Ba 'ne ba hlokomelane. Ba amohele…

4. Ba tshabise ho fapana, Ba be le mamellano, Ba tsebe ho tshwarelana Ho ba hlokisang hlonamo. Ba amohele…

5. Tseleng ena ya bophelo Hammoho ha ba hata, Ba felehetse Morna, Ba nenese ka letsoho. Ba amohele…

6. Ba fihle phellong ya tsela, Ba sa ntse ba ratana; Ba tle se ke ba sieana, Ha ba ya fihla ho wena. Ba amohele…

About this hymn

Sefela 277, “Morena, banyadi bana, ba itletse”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 7 stanzas and opens with the line 1. Morena, banyadi bana. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.

Related hymns

More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.

Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.

Take the hymns with you

Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.

Get it on Google Play