Difela Tsa SioneLifela Tsa Sione - Hymns
All hymns
Sefela 273

Jesu motswalle ya nkileng

100%

1. Jesu, motswalle ya nkileng Melato le makhopo, 'Na, mohloki, ke sitwa ke'ng Ho o rapella tsohle? Ke ntse ke itima khotso, Ke tlala pelaelo, Ha ke sa ise ditaba Ho wena ka thapelo.

2. Ditsietsing, mahlomoleng, Ha ke imelwa hampe, 'Na, motswafi, ke sitwa ke'ng Ho tshepa pallo tsa hao? Ha ke na e mong lefatsheng Ya nkutlwelang bohloko, Ya ka ntokollang boimeng, Ha e se wena Jesu.

3. Dintweng tse thata tsa dibe, Ha sera se ya le 'na, 'Na, mohlolwa, ke sitwa ke'ng Ho ipeha ho wena? Nthute ka matsatsi 'ohle Ho belaela ka 'na, Ke rapele ke tshepile Kutlo ya hao le matla.

About this hymn

Sefela 273, “Jesu motswalle ya nkileng”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 3 stanzas and opens with the line 1. Jesu, motswalle ya nkileng. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.

Related hymns

More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.

Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.

Take the hymns with you

Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.

Get it on Google Play