Tlo, Jesu, se diehe
1. Tlo Jesu, se diehe, Tsatsi la hao le chabe; Khale le lakaditswe; Khale le lebeletswe.
2. Bahalaledi bona, Ba tlohileng le ba teng, Utlwa dillo tsa bona, Ba re: 'Muso o'a tla neneng?
3. Ba tlatsana le Moya, Ba meketsa ka matla, Ba re : o khutseditse'ng, 'Muso o tla tla neneng?
4 Ba tlatsana le dintho Tse entsweng, tse bopiloeng; Di imetswe, di tennoe, Di re: 'Muso o'a tla neng?
5. Ba hao ba re, ba rata Ho apeswa tsa bocha, Ho tloseoe tse tsofentseng Ba re : 'Muso o'a tla neng?
6. Dintho le tsona di re Thohako e di tenne; Di busetswa Eteneng, Di re: 'Muso o'a tla neng?
7. Utlwa Jesu, Mamela Ha bohle ba o bitsa; Hloma 'muso, Morena, Wa ka mehla le mehla!
About this hymn
Sefela 271, “Tlo, Jesu, se diehe”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 7 stanzas and opens with the line “1. Tlo Jesu, se diehe,”. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.
Related hymns
More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.
- 268Sefapanong ke bohaOn the cross I bow
- 269U halalehile, Modimo
- 270Ho Jesu ke beile
- 272Bolelang taba tsa Jesu
- 273Jesu motswalle ya nkileng
- 274Moea oa ka, u mamele dipina
Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play