Hosanna ho ya tlang
1. Hosanna ho ya tlang Lebitsong la Morena; Lerato le chesang O hlahile ka lona. Ho roriswe Jesu Ya tlileng ho rona, Ho shwela melato E imetseng batho batho. (bis)
2. Hosanna! Thabelang Monghadi wa bophelo; Tsohang, ananelang, Le tle le dinyehelo! Bohle re khumame, Pina di phahame, Bongata bo phalle, Pelo di nyakalle! (bis)
3. Hosanna ho yena Ya re neang ho loka; Ke Mong'a marena, Ya tlang ho re boloka. A tsoa lehodimong, Ho shwa sefapanong; O ikentse pheko Ya dibe tsa batho. (bis)
4. Hosanna! Hosanna! Diphuthehong kaofela Ho bokoe Morena, A hlabeloe difela! O re tshepisitse; Pina di loketse Ba dumetseng bohle, Ba thabe kahohle. (bis)
5. Hosanna ho Mora! E, re phela ka yena. O tlisitse khora, Mo bineleng hosanna. Ke fela sa hlolo, Le thoko ya thabo E loketseng rona Bana ba morena. (bis)
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play