Bonang sefapanong
1. Bonang sefapanong 'Moloki wa batho, Ho re lopolla tahlehong (bis) A ineela lefu. (ter)
2. A shwa ke lerato Lee a re ratileng; A re jarela thohako, (bis) Re lokolloe dibeng. (ter)
3. A tshoha boimeng Ba dibe tsa rona Lefu a le utlwa moyeng (bis) Le tshiu ya lona. (ter)
4. Dikhororo tsa hae Ke phophi tsa madi, Serapeng sa Gethsemane (bis) Tsa rothela fatshe. (ter)
5. Mora wa Modimo A tliswa Golgotha; Ka ho jara sefapano; (bis) A fediswa matla. (ter)
6. A rweswa meutlwa, A phunngwa maoto, Dibe tsa ron'a di utlwa (bis) Hoba di bohloko. (ter)
7. A fehwa sefateng, A nyaroha hamper, Ba mo hlaba lehlakoreng, (bis) Ka rumo le lebe.(ter)
8. Empa go fedile, Molao o phethiloe; Madi jwale a lefile, (bis) Tsohle di lokile. (ter)
About this hymn
Sefela 27, “Bonang sefapanong”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 8 stanzas and opens with the line “1. Bonang sefapanong”. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.
Related hymns
More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.
- 24Hosanna ho ya tlang
- 25A re eteleng Bethlehema
- 26Alleluya, Alleluya!
- 28Lefu la hao, Molopolli
- 29Ke swabisitswe Modimo
- 30Topollo, lebitso lena
Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play