Re roriseng ya re makatsang
1. Re roriseng ya re makatsang Ka dineo tsa boholo! Ngwan'a pallo ya re tshepisang, Re mo tswaletswe kajeno. Mora ya ratiloeng hakalo Re mo teletswe ke Ntate; O re etetse ka topollo Le bophelo bo monate.
2. Ho Jesu boikokobetso Bo kopane le boholo; Modimo, Morena wa khotso, O ikahetse ho batho; O hlahile ka sebopeho, Sebopeho sa mohlanka; Teng e mpa e le tshimoloho Ya letsatsi la ho loka.
3. Modimo o re lopolotseng O tumiswe, bana beso! Khotso e tla busa lefatsheng, Khotso e tliswang ke Jesu. A re tlatsaneng le ba khanyeng Ho roka ya re tswaletsweng; A re pheteng dialeluya, Thabo e tlale lefatsheng.
About this hymn
Sefela 21, “Re roriseng ya re makatsang”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 3 stanzas and opens with the line “1. Re roriseng ya re makatsang”. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.
Related hymns
More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.
- 18Tlong, re roriseng kaofelaCome, let us all praise
- 19Ya renang ka ho sa felengHe who reigns forever
- 20Ba ratiloeng ke MolimoThose loved by God
- 22A re bineng kajenoLet us sing today
- 23Elelloang ba bochabelaConsider those from the East
- 24Hosanna ho ya tlang
Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play