Ntate Wa Rona Modimo
1. Ntat'a rona, Modimo wa hloleho, Ya fileng batho tsiu tsa bona, Re tla bohle ka thato le ka tsoho Ho o khethela letsatsi lena.
2. Re sitilwe, re tlile ka bohloko, Ha di balwe be tsohle tsa rona, Bana, bohle; e, le rona baholo, Re inyatsa pel'a hao, Morena.
3. Re leballe melato ena eohle, Re ballwe ho loka ha ?Moloki; Madi a hae a re ntlafatse bohle, Re apeswe kobo tsa bohlweki!
4. Re hlahile kaofela ka ntlong ya hao Hore re tiise kano tsa rona; Re fe matla, Modimo o mohau, Re be re shwe re eme ho tsona!
5. Moya wa hao o k'o re tsamaise Ka tshiu tsa ho phela ha rona Ditaba tse mpe o di lelekise, Tse ntle tsohle di etswe ke oona.
6. Re o rate, leha re sa sepela, Ho tla nakong ya lefu la rona; Re tiisetse re sa ntse re labella Morena Jesu, tshepo ya rona!
About this hymn
Sefela 218, “Ntate Wa Rona Modimo”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 6 stanzas and opens with the line “1. Ntat'a rona, Modimo wa hloleho,”. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.
Related hymns
More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.
- 215Mong Wa Lesedi
- 216Ke Bone Hape Lesedi
- 217Jesu Naledi Ya Ho SA
- 219Morena E SA Le Hosasa
- 220Letsatsi Le Phirimile
- 221kea Leboha Modimo
Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play