Mong Wa Lesedi
1. Mong'a lesedi, Rabophelo, 'Moloki le Moren'a ka, Ke tlile ho etsa thapelo, Merapelong ya hosasa.
2. O mpolokile ka bosiu, Ke sa bona tsatsi le leng; Motshehare o qobe tshiu E ka ntlelang ka leqeleng!
3 ke ya kopa, Moren'a heso U ntshwarele dibe tsohle; Ke abelwe lefung la Jesu, Ke tlale Moya o motle. Bis
4. Monghadi wa bophelo ba me, U ntise ka tsatsi lena, Ke sebetse ka bokhabane, Ke bone khotso ho wena. (bis)
5. Dibe tsa ka ke di hopole, Le lona lereko la hao; Pelo ya ka e ke e fole; Ke tshepile Mong'a mohau
6. Lefu le ka ntlela kapele, La mphakisetsa kahlolo; Morena Jesu, o nkhauhele, Ke itshabise timelo. (bis)
About this hymn
Sefela 215, “Mong Wa Lesedi”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 6 stanzas and opens with the line “1. Mong'a lesedi, Rabophelo,”. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.
Related hymns
More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.
- 212ADumelang Banyadi
- 213Morena Banyadi Bana
- 214Ke Ngalo E Kgethehileng
- 216Ke Bone Hape Lesedi
- 217Jesu Naledi Ya Ho SA
- 218Ntate Wa Rona Modimo
Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play