Ya renang ka ho sa feleng
He who reigns forever
1. Ya renang ka ho sa feleng Ya senatla, ya phahameng, Ya hodimo, ke Ntat'a rona! Lentswe la hae le re entse, Lentswe le re lopolotse, 'Me re tswalwa bocha ke lona.
2. Lentswe lena ke la Jesu; Bo-seng-eng, sebe, le lefu Ha di site matla a lona; Bo-seng-eng bo tswa lefatshe, Tlamo tsa sebe di hlotswe, Lefu ke monyako wa khanya.
3. Tsatsi le tla chaba neneng, Lee bohle ba shweleng dibeng, Ba tlang ho dumela Morena, Pelo tse thata di bake, Tsohle di batle lesaka La Jesu, 'Moloki wa rona!
4. A re kopeng ho Morena, Hore badibe kaofela Ba hloloe ke rumo la lentswe; A bopele lehodimo Bana ba tswetsweng ke Moya Har'a ba pelotse kang majoe.
5. Chaba tsa batho kaofela Di rorise ka difela Moshoedi ya hlotseng lebitla; Terong, pel'a Morena, Ho utlwahale dipina Tse tlatsanang le tsa bahloeki.
English translation
1. He who reigns forever The mighty, the exalted, The Most High, He is our Father! His word created us, His word redeemed us, And we are born again by it.
2. This word is of Jesus; Darkness, sin, and death Cannot withstand its power; Darkness comes from the earth, The bonds of sin are broken, Death is the door to glory.
3. The day will soon dawn, When all who died in sin, Who come to believe in the Lord, Hard hearts will repent, All will seek the fold Of Jesus, our Savior!
4. Let us ask the Lord, That all sinners Be overcome by the sword of the word; Let heaven be filled With children born of the Spirit Among those whose hearts were like stones.
5. All nations of people Praise with songs The Savior who conquered the grave; In the presence of the Lord, Let songs be heard That join with those of the saints.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play