Ya itshepelang Modimo
He who trusts in God
Ya itshepelang Modimo Le bo tshephehi ba ona A ka tla dula ka kgotso hara tshiu tsa mefuta Mookamedi ya renang O tseba se re se hlokang.
Di thusa’ng dipelaelo Le ona masisapelo Na moabi wa bophelo H’a bo dise ka lerato? Mookamedi ya renang O tseba se re se hlokang.
Betang pelo, ba Morena, Le mo siele sebaka. O tla tseba ho fetola Tsohle molemo wa rona. Mookamedi ya renang O tseba se re se hlokang
Ruri o sa ikgethetse Motsotso wa ho re thusa Ho bana ba hae o tletse Rato le se nang ho fela. Mookamedi ya renang O tseba se re se hlokang.
Se re ha o s’o hlomoha Ke lahlilwe ke Morena! Mme batho ha ba qhomeha Ba filwe lehlohonolo! Mookamedi ya renang O tseba se re se hlokang.
Ha bohloko bo ho kena, Bo ho thuba, sheba Jesu! Sefapano sa Golgotha Ke diba sa matshediso Mookamedi ya renang O tseba se re se hlokang
Tshaba Modimo, moena! O rate tsela ya ona. Mehopolong ka ho wena ke ya molemo ka mehla. Mookamedi ya renang O tseba se re se hlokang
Morena, mponele tsohle; Kea o tshepa, wena feela O! ntate ntsamaise hle Tshepo yaka e ho wena Wena, Jehova ya renang O tseba se ke se hlokang
English translation
He who trusts in God And those who hope in Him Can live in peace In all kinds of times The Ruler who reigns Knows what we need.
What use are doubts And all worries Will the Giver of life Not care for us with love? The Ruler who reigns Knows what we need.
Be patient, people of the Lord, Give Him space. He knows how to change Everything for our good. The Ruler who reigns Knows what we need.
He surely chooses The right time to help us For His children He is full Of love that never ends. The Ruler who reigns Knows what we need.
Let it not be said I am abandoned by the Lord! And people should not boast They have been given happiness! The Ruler who reigns Knows what we need.
When pain comes to you, When it breaks you, look to Jesus! The cross of Golgotha Is the fountain of comfort The Ruler who reigns Knows what we need.
Fear God, my brother! Love His way. In your thoughts about Him There is always goodness. The Ruler who reigns Knows what we need.
Lord, look after everything; I trust You alone O Father, lead me please My hope is in You You, Jehovah who reigns You know what I need.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play