Ha re babatsa hakalo
1. Ha re babatsa hakalo Tsa fatshe la ba hloekileng, Re be re hloke le puo Ho tla ba jwang ha re le teng Ho tla ba jwang (bis) ha re le teng
2. Re re, re tla siea dillo, Re phonyohe mahlomoleng, Dipelo di tlale thabo; Ho tla ba jwang ha re le teng Ho tla ba jwang (bis) ha re le teng
3. Re bolela tsa phomolo, Tsa khotso e phethehile, Tsa lerato le tsa hloeko Ho tla ba jwang ha re le teng Ho tla ba jwang (bis) ha re le teng
4. Ho tla ba jwang ha re bona Tsohle tsee re di tshepileng, Re di tseba, re di rua? Ho tla ba jwang ha re le teng Ho tla ba jwang (bis) ha re le teng
5. Ha re bua ka molomo Tseo re di hlolohetsweng, Re timellwa ke khopolo Ho tla ba jwang ha re le teng Ho tla ba jwang (bis) ha re le teng
6. Jesu, ka sebele-bele, Ha re ka o boha khanyeng U na le bakhethwa bohle Ho tla ba jwang ha re le teng Ho tla ba jwang (bis) ha re le teng
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play