Ke bonela lehodimo
1. Ke bonela lehodimo Mane hole, Ke le bona ka lerotho, Ho fifetse; Na ke tla fihla monyako O s'o koetswe?
2. Ke bonela khalalelo Mane hole; Ha e le moo mefokolo E sa tlohe, Teng na nka fihla, 'na motho Ya leng mobe?
3. Hape, ke bonela thabo Mane hole; Mona ke maswabi, Dillo ha di fele; E le lefa le bohloko La badibe.
4. Ke bonela lehodimo Mane hole; Mona ho le matshoenyeho Le marole A dintwa le a meleko Ya lefatshe.
5. 'Melaedi, dintho tseo Na di hole? Ha o ka shwa o dumela Ka sebele, Hang-hang, Jesu o tla o fa Tsona Tsohle.
About this hymn
Sefela 175, “Ke bonela lehodimo”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 5 stanzas and opens with the line “1. Ke bonela lehodimo”. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.
Related hymns
More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.
- 172Ke rata ho nyakalla
- 173E, monateng ke Sioneng
- 174Jerusalema, wa benya
- 176Re se re tlohile
- 177Tieang pelo, ho kena tlung
- 178Ha re babatsa hakalo
Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play