Tsatsi le leholo
100%
1. Tsatsi le leholo Ke la phomolo; Ho thajwa ke batho Tlung ya thapelo. Hlomphang tsatsi lena Batlang Morena; Phuthehang kaofela Bitsang ho yena
2. Kajeno dichaba Dia rutuwa; Taba tsa ho phela Dia bolelwa Kajeno, le rona Re tla mamela Lentswe la Marena Le tswang ho yena
3. Ditaba tsa Jesu Ke tsa molemo; Di hloekisa pelo Ka bokhalemo; Ditaba tsa Jesu Dia phedisa; Ha di tlala pelo, Dia tshedisa.
4. Lentswe la Monghadi, Ba le rorisang Ba re, ke sehlare Se ba pholosang; Polelo tsa Jesu Di ka bohobe; Le bo jeng, baheso, Le tle le khore.
5. Re bokeng Jehova, Moren'a heso; Re bokeng le yena 'Moloki Jesu; Ho boke le oona Moya o motle; Binang alleluya, Lebohang, bohle!
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play