Modisa Ya Batlang Dinku
1. Modisa ya batlang dinku Tse thobileng makhulong, U di bohise maoto A hlabilweng topollong. Bis
2. Di qhadilwe ke Satane, O sa di shwela mona; O di neela dibatana, Di harolwe ke tsona. Bis
3. O phakise ho di lata, Di tle ho wena tsohle, Metsing a se nang lerata, Madibohong a matle. Bis
4. O di bokelle hammoho Ka mohlape o le mong, Di tsamaee ka teboho Meepeng e isang hae. Bis
5. Mefuta ke e mengata, Pelo tsona di be ding; Bohle bat she[pang bothata U ba busetse 'neteng.bis
6. Hopola Iseraele Ya ineetseng tahleho; Lesedi le mo hlahele, A tutubolle mahlo. Bis
7. Hopola bana ba kama; Le bona o ba late, Ba phakise ho khumama, Ba o rapele, Ntate.bis
About this hymn
Sefela 128, “Modisa Ya Batlang Dinku”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 7 stanzas and opens with the line “1. Modisa ya batlang dinku”. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.
Related hymns
More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.
- 125Dintle Tsa Hao
- 126Ntate Ya Rona Ya Hodimo
- 127Tlo, Jesu Mong'a Khale
- 129Jesu Ke Utlwa Ha O Re
- 130Ngaka Ya Lefu La Dibe
- 131Ke Thaba Ha Ke Bala
Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play