Difela Tsa SioneLifela Tsa Sione - Hymns
All hymns
Sefela 125

Dintle Tsa Hao

100%

1. Dintle tsa hao di teng ho 'na, U mphe tebogo, Morena; U ntokisetse thapelo (bis) Le thoko ya kananelo. (bis)

2. Ha ke khathetse. wa mpepa; Ha ke lapile, wa mphepa; U bohobe bo nkhorisang, (bis) U sediba sa nkhodisang (bis)

3. U disedi la difofu, U leleme la dimumu; Ha ke thibane ditsebe, (bis) U di phetle, ke o tsebe, (bis)

4. Ha ke lela, wa ntsedisa; Ha ke baba, wa mphodisa; U moruti ya re rutang, (bis) U 'Mploki ya bolokang. (bis)

5. Ha o mpitsitse, ka utlwa, Lefatshe ka le furalla; U nkele lesedi, 'Moloki, (bis) U ntemose, Mweletse! (bis)

6. Tsela ee ke e tsamayang, Monyako oo ke o kenang, Ke Moren'a leholomo, (bis) Mong'a 'nete le molemo. (bis)

7. Ka eena ho fela bobe, Ka eena ho hlahe botle; Ke eena phetho ya molao, (bis) Ya re pholosang ka mohau. (bis)

8. U Modisa ya nkalosang, U Mophedi ya mphedisang; U thoko ya ka, o Jesu, (bis) U letlotlo la haeso. (bis)

Take the hymns with you

Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.

Get it on Google Play