Difela Tsa SioneLifela Tsa Sione - Hymns
All hymns
Sefela 101

Mekete Ya Lefatshe

100%

1. Mekete ya lefatshe Ke ya e baleha; Khale ke e thabetse, Jwale ke ya e tela; Ke kholwa ke Jesu, Ke mo neile pelo, Ho mo ananela. (bis)

2. Ke tswaletswe lefifing, Hole le Modimo; Esale k'e-shwa dibeng Ke hloka bophelo; empa Mor'a motho O nchwetse melato, Ke bone tshwarelo. (bis)

3. A tloha lehodimong Ho mpatla lefatsheng; O shwele sefapanong Ho ntopolla dibeng; Teng a etswa tefo, 'Na ka etswa mofo, Ke moo a nthuileng. (bis)

4. Le kajeno wa nthata Ka rato la mehla; Moya wa hae wa nthuta, Ke sa ipha matla, Ke rorise Jesu Ya ntlholetseng lefu, Satane, Lebitla. (bis)

About this hymn

Sefela 101, “Mekete Ya Lefatshe”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 4 stanzas and opens with the line 1. Mekete ya lefatshe. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.

Related hymns

More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.

Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.

Take the hymns with you

Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.

Get it on Google Play