Difela Tsa SioneLifela Tsa Sione - Hymns
All hymns
Sefela 79

Morena, u ba etele

100%

1. Morena, u ba etele Bana bohle ba lefifi Leseli le ba chabele Ka bophara ba lefatše

2. Bophelo ke uena fela, Empa batho ha ba tsebe. Ba lahlehetsoe ke tsela, Ba khelositsoe ke sebe

3. Talima bomalimabe Jo aba sa tsebeng thapelo; U ba romele liabi Tsa litaba tsa bophelo

4. Bahlanka ba botšepehi Ba ke ba rongoe lichabeng, Ho bolella balahlehi Jesu e aba lopolotseng.

5. Moea o latela Lentsoe Naheng tsohle mole rongoang; Ha le setse le jaliloe, E be oona o nosetsang.

6. U phakise u bokelle Bao u ikhethetseng bona; Re tla 'ne re ba rapelle; U re utloe, Ntat'a rona!

About this hymn

Sefela 79, “Morena, u ba etele”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 6 stanzas and opens with the line 1. Morena, u ba etele. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.

Related hymns

More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.

Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.

Take the hymns with you

Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.

Get it on Google Play